Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 51:62 - Sesotho 1909/1961 (SO)

62 o re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, o boletse hore e tla ripitlwa, e se hlole e eba le moahi, leha e le motho, leha e le kgomo; empa e nne e be lefeella ka ho sa feleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

62 Jwale wena o re: ‘Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 51:62
16 Iomraidhean Croise  

Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Mma lona o hlabisitswe dihlong haholoholo, ya le tswetseng o fetohile mmala: bonang, e se e le setjhaba se katlase ho ditjhaba tsohle, ke lefeella, naha e tshehla le nahathothe.


Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.


Babilona o tla etswa diqubu tsa majwe, leaho la diphokojwe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.


Metse ya hae e entswe lesupi feela, naha e tshehla le lefeela, lefatshe le se nang motho ya ahileng ho lona, leha e le ngwana motho ya fetang ka lona.


Yaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha o fihla Babilona, o tle o bale mantswe ao kaofela;


Ke tla o etsa mafeella a mehla, mme metse ya hao ha e sa tla ahuwa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan