Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 48:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Ho madimabe wena, Moabe! Setjhaba sa Kemoshe se fedile, hobane ho tshwarwa bara ba hao ho ba isa kgolehong, le baradi ba hao ba iswa kgolehong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

46 O madimabe hakaakang, wena Moabe! Tjhaba sa Kemoshe se fedile kaofela, bara ba hao ba isitswe bothopuweng, baradi ba hao le bona ba thopilwe!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 48:46
7 Iomraidhean Croise  

Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.


Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.


Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.


Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.


Hobane, erekaha o itshepetse diketso tsa hao le matlotlo a hao, le wena o tla hapuwa, Kemoshe a iswe kgolehong, hammoho le baprista ba hae le ba baholo.


Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.


Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan