Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 48:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ka baka leo, pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa Moabe; pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa batho ba Kire-Hereshe, kahobane ho neng ho bokeletswe ho timetse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

36 “Kahoo pelo ya ka e llela Moabe sa lekodilo, sa lekodilo le llela banna ba Kire-Harese, hoba matlotlo a bona a se a ba feletse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 48:36
14 Iomraidhean Croise  

Ba qhaqha metse; e mong le e mong a akgela lejwe la hae masimong wohle a matle; ba kata didiba tsohle tsa metsi, ba rema difate tsohle tse monate; ba betsang ka letjeketjane ba teela Kire-Haresethe hare, ba o senya, ba siya majwe feela.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Leruo la morui ho yena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setshabelo.


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.


Mala a ka a duma hodima Moabe jwaloka harepa, le pelo ya ka hodima Kire-Harese.


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Ka baka leo, ke fehelwa bakeng sa Moabe, ke fehelwa bakeng sa Moabe kaofela; bakeng sa batho ba Kire-Hereshe ho a fehelwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan