Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 48:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

20 Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 48:20
10 Iomraidhean Croise  

Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.


Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.


Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.


ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan