Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 40:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Johanane, mora Karea, o bolella Gedalia ka sephiring, Mitspe, a re: Ha nke ke ye, ke bolaye Ishmaele, mora Nethania; ho ke ke ha tseba motho. O ne a tla o bolaelang? Bajude bohle ba phuthehetseng ho wena na ba ne ba ya qhalanelang, masala a Juda a timele?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 40:15
10 Iomraidhean Croise  

Setjhaba sa re: Tjhe, o ke ke wa ya; hobane leha re baleha, ba ke ke ba re letho ka rona; leha halofo ya rona re ka shwa, le teng ba ke ke ba re letho ka rona; athe wena o ka leshome la dikete tsa rona; ho ka ba hotle jwale, leha o ka re tlatsa o etswa motseng.


Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,


Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan