Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 40:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba re ho yena: Ha re re, o a tseba hobane Baalise, morena wa bana ba Ammone, o romile Ishmaele, mora Nethania, ho o bolaya na? Empa Gedalia, mora Akikame, ha a ka a dumela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 “Na ha o tsebe hore Baalese, kgosi ya Baamone, o rometse Ishemaele, mora wa Netaniya, ho tla o bolaya?” Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a se ke a ba kgolwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 40:14
15 Iomraidhean Croise  

Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.


Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla a neng a le naheng, ba tla ho Gedalia, Mitspe;


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan