Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 38:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho itswe ke Jehova: Motse ona o tla neelwa ruri matleng a makgotla a morena wa Babilona, mme o tla o kena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Morena o bua tjena: ‘Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa.’ ”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 38:3
7 Iomraidhean Croise  

Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlosa dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo ka tsona le lwantshang morena wa Babilona le Bakalde ba le thibeletseng kantle ho marako, ke tle ke di bokelle motseng ona.


Ya ka salang motseng ona, o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la sewa; empa ya tswang ho ya ipea ho Bakalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba kgapo ya hae.


Bonang, ho itswe ke Jehova bakeng sa morena ya dutseng teroneng ya Davida, le bakeng sa setjhaba kaofela se ntseng se ahile motseng wona, e leng bahabo lona ba sa kang ba iswa kgolehong le lona:


mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan