Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 38:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Morena Tsedekia a bolella Jeremia, a re: Ke mpa ke tshabana le Bajuda ba ineetseng Bakalde, esere ka neelwa matsohong a bona, ba bapala ka nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

19 Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 38:19
17 Iomraidhean Croise  

Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona.


Eitse ha Sanballate a utlwa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, mme a soma ka Bajuda.


ka ho tshaba bongata, le kahobane nyatso ya setjhaba e ne e ntshosa, mme ka itholela, ke sa tswele ntle ho monyako wa ka! ...


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Bona, basadi kaofela ba sa setseng ka tlung ya morena wa Juda ba tla iswa ho balaodi ba morena wa Babilona, mme ba tla re: O hlile wa phongwa, wa hlolwa ke ba neng ba o tshepisa kgotso; maoto a hao ha a tetebetse seretseng, bona ba boela kasanthao.


Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng;


Dipelo tsa bona ha di thabile, ba re: Samsone a ke a latwe, a tle a re bapadise. Samsone a latwa teronkong, a tla, a bapala pela bona. Ba ne ba mo emisitse phakeng tsa ditshiya.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan