Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 34:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 34:3
18 Iomraidhean Croise  

Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;


mme Tsedekia, morena wa Juda, ha a ka ke a phonyoha matsohong a Bakalde, empa o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa eno, le mahlo a hae a bone mahlo a eno.


Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.


Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.


Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan