Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 32:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 ‘Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 32:7
15 Iomraidhean Croise  

Jehova o ne a se a itse ho Akija: Bona, mosadi wa Jeroboame o ya tla o botsa se tla hlahela ngwana hae ya kulang; o tle o mo arabe ka hore le ka hore, etswe, ha a kena, a tla iketsa mosadi osele.


Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Jeremia a re: Lentswe la Jehova le tlile ho nna, le itse:


Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Naheng yohle eo le e ruileng, le tla nea motho tokelo ya ho rekolla tshimo ya hae.


Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.


Mme masimo a teetseng metse ya Balevi hare a ke ke a rekwa; ke leruo la bona ka ho sa feleng.


kapa ngwanabo ntatae, kapa mora wa ngwanabo ntatae, kapa e mong wa mofuta wa hae ya haufi le yena ho tswalweng; kapa ha a na le matla, a ke a ithekolle e le yena.


a re: Lefeng leo ba tlang ho le rua, laela bana ba Iseraele ho nea Balevi metse eo ba ka ahang ho yona. Hape le tla nea Balevi naha e teelang metse eo hare.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan