Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 30:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bana ba hae ba tla nne ba dule jwaloka mohla monene; phutheho ya hae e tla tiya pela ka, mme ke tla kgalemela ba mo patisang kaofela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

20 Bana ba bona ba tla tshwana le mehleng ya kgale, tjhaba sa bona se tsitse ke ntse ke se bona; bahatelli ba bona bohle ke tla ba otla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 30:20
16 Iomraidhean Croise  

Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.


Bana ba bahlanka ba hao ba tla ikgahela fatsheng la bona, mme moloko wa bona o tla nne o be teng pela hao.


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.


Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.


Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


O re sokollele ho wena, Jehova, etlaba, re sokolohile; o ntjhafatse ditshiu tsa rona, di be jwaloka mehleng ya pele.


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


Ke tla ba letsetsa molodi, ke ba bokelle, hobane ke ba lopolotse, mme ba tla ata jwalokaha ba ne ba atile pele.


mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a wona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan