Jeremia 23:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)22 Hojane ebe ba kile ba ema morerong wa ka, ba ka be ba utlwisitse setjhaba sa ka mantswe a ka, ba se sokolla mekgweng ya sona e mebe le bolotsaneng ba diketso tsa bona. Faic an caibideilBIBELE22 Ha ba ne ba bile teng kgotleng la ka, ba ka be ba entse hore tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka, ba se kgelositse tsela tsa sona tse kgopo, ba se kgutlisitse ketsong tsa sona tse kgopo.” Faic an caibideil |
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.