Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 23:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho madimabe badisa ba senyang, ba qhalanyang mohlape wa makgulo a ka, ho bolela Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 “Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 23:1
30 Iomraidhean Croise  

Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka ya morara, ba hataketse tshimo ya ka, tshimo ya ka e ratehang ba e entse lefeella le lebe.


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Badisa ba hao bohle ba tla nkwa ke moya, dinyatsi tsa hao di iswe kgolehong; ke moo o tla hlabiswa dihlong, o swabe ka bolotsana bohle ba hao.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Morena Jehova o re: Ho madimabe baporofeta ba mawatla, ba yang ka kelello tsa bona, ba buang ba sa ka ba bona letho.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,


Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.


Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Bohale ba ka bo tuketse badisa, mme ke tla kgalemela diphooko, hobane Jehova wa makgotla o tla etela mohlape wa hae e leng ntlo ya Juda, a e etse pere ya hae ya bokgabane ntweng.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.


Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.


Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan