Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho itswe ke Jehova: O theohele ka tlung ya morena wa Juda, mme teng o mmolelle lentswe lena,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Morena o bua tjena: “Theohela tlung ya kgosi ya Juda, o yo phatlalatsa molaetsa ona hona teng,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 22:1
15 Iomraidhean Croise  

Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.


Mme Jehova a bua le Manasse le setjhaba sa hae, empa ha ba ka ba mo ela hloko.


Mme bakeng sa ntlo ya morena wa Juda mamelang lentswe la Jehova:


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


o re: Mamela lentswe la Jehova, wena morena wa Juda, ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, bao le kenang ka menyako ena.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan