Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 19:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme ke bee motse wona makatso le sesomo, e mong le e mong ya tla feta teng a tle a makale, a sisinye hlooho hodima dikotsi kaofela tsa teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 19:8
14 Iomraidhean Croise  

Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.


Haele bahwebi ba ditjhaba tse ding, ba tea melodi ka wena; o entswe lefeela, mme ha o sa tla ba teng le ka mohla o le mong.


Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


Meloko e tlang, bana ba lona ba tla hlaha kamora lona, le moditjhaba ya tla tla a etswa naheng e hole, ha ba bona ditlokotsi tsa lefatshe lena, le dipabo tseo Jehova a le otlang ka tsona;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan