Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O jwaloka ya itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo; o ahile dibakeng tse tshehla, lefatsheng le lebu, le sa ahuwang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

6 O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 17:6
17 Iomraidhean Croise  

Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Mahlo a hae ha a sa tla thabela melatswana, leha e le melapo, leha e le dinokana tsa dinotshi le lebese.


eo ke neileng lefeella, e be moo e dulang teng? Lehwatata la letswai ke kahello ya yona.


Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya;


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.


Mohlang oo, le tla ba jwaloka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le jwaloka tshimo e se nang metsi.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Balehang, le pholose meya ya lona, le be jwaloka ba itlhophereng lefeelleng.


Haele matsha le mehlaka ya teng e sa hlapholohang, e tla nne e be letswai.


Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


Abimeleke a ba lwantsha tsatsi lena lohle, a ba a kena motse, a bolaya batho ba teng, mme a heletsa motse, a o jala letswai.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan