Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 “Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 16:10
11 Iomraidhean Croise  

Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.


O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!


Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.


Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan