Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa ba phahamisetsa mohoo leha e le thapelo, hobane mohla ba bitsang ho nna ka baka la tsietsi ya bona, ha ke na ho ba mamela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 “Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 11:14
12 Iomraidhean Croise  

Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;


Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.


Mme Jehova a re ho nna: O se ke wa rapella setjhaba sena ho se batlela molemo.


Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Haele wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, o se ke wa ntiisetsa matla, hobane ha ke na ho o utlwa.


Ka dinku tsa bona le ka makgomo a bona ba tla Jehova, empa ba ke ke ba mo fumana: o ba furaletse.


Jwalokaha a ne a bitsitse, mme ba sa ka ba utlwa, ba tla bitsa, mme nke ke ka utlwa, ho bolela Jehova wa makgotla;


Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan