Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 “Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 1:5
26 Iomraidhean Croise  

Mmopo wa ka ho o a ka wa pateha ho wena, ha ke ntse ke bopjwa sephiring, ke lohuwa ditho botebong ba lefatshe.


Mahlo a hao a bone moloho wa tsona; matsatsi a ka a ngodilwe kaofela hammoho bukeng ya hao; a ne a se a badilwe, a eso ho be teng.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!


Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.


Mme jwale, ho bolela Jehova ya mpopileng popelong ya mme, ke tle ke be mohlanka wa hae, ke be ke kgutlisetse Jakobo ho yena, mme Iseraele a tle a phuthehele ho yena; hobane ke tla hlompshwa mahlong a Jehova, mme Modimo wa ka ke wona e leng matla a ka.


Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re:


Ho rohakwe motho ya kileng a tsebisa ntate, a re: O tswaletswe ngwana e motona; a ba a mo thabisa haholo.


Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang,


Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,


haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.


Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan