Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Morena a re ho nna: “Koduwa e tla hlaha e etswa leboya, baahi bohle ba naha ena e ba wele hodimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 1:14
17 Iomraidhean Croise  

Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.


Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Emisetsang folaga nqa Sione; batlang setshabelo, le se ke la ema, hobane ke lata tsietsi le kotsi e kgolo nqeng ya leboya.


Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Bonang, ho ya tla setjhaba se tswang leboya; setjhaba se seholo le marena a mangata a ya hlaha a etswa dikgutlelong tsa lefatshe.


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.


Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;


O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.


Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.


Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan