Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Hlabang mokgosi, lona matjhaba, le tla robokelwa! Mamelang, lona ba naha tse hole! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 8:9
24 Iomraidhean Croise  

Empa morena wa Iseraele a mo fetola, a re: Ya hlomelang dihlomo a se ke a ithorisa, jwaloka ya di rolang.


Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.


Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.


Le se ke la tshaba morena wa Babilona, eo le ntseng le mo tshaba; le se ke la mo tshaba, ho bolela Jehova, hobane ke na le lona ho le pholosa le ho le namolela matleng a hae.


Lokisang thebe le thejana, le atamele ho lwana.


Bofang dipere, mme le kallise bapalami; emang ka diheleme, leotsang marumo, le apare kobo ya tshepe.


O no o le tjhaka ya ka le dibetsa tsa ntwa, ke nnile ka pshatla ditjhaba ka wena, ka timetsa mebuso ka wena.


Itokise, o be o itokise, wena le matshwele a hao wohle a bokaneng ho wena, o be modisa wa bona.


Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.


Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan