Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

20 Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 7:20
17 Iomraidhean Croise  

Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha morena Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Hobane setjhaba sena ha se kgutlele ho ya se otlang, ha se batle Jehova wa makgotla.


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


Mora motho, Nebukadresare, morena wa Babilona, o sebedisitse makgotla a hae mosebetsi o moholo Tire; dihlooho tsohle di phumuhile ke hona, mahetla wohle a phumuhile selota; mme hona teng Tire, yena le makgotla a hae ha ba ka ba bona moputso le o mong wa mosebetsi oo ba o sebeditseng teng.


Moputso wa hae oo a o sebeleditseng, ke tla mo nea Egepeta, ka baka la seo ba ntshebeleditseng ka sona: ho rialo Morena Jehova.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan