Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 66:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Morena o bua tjena: “Ke tla e tlisetsa kgotso sa noka e tletseng, ke e tlisetse maruo a ditjhaba sa nokana e tletse tswete! E tla le anyesa, e le sike ka matsoho a yona, lona le bapalle mangweleng a yona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 66:12
19 Iomraidhean Croise  

Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Hobane teng, Jehova, boholong ba hae, ho rona o tla ba jwaloka dinoka, dinoka tse kgolo, moo ho seng le sehlopha sa dikepe tse ka bang le matla a ho sesa teng, ho seng le sekepe se seholo se ka tshelang teng.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Oho! hoja o ka lemoha ditaelo tsa ka! kgotso ya hao e ka nna ya phalla jwaloka noka; ho loka ha hao ho ka tlala jwaloka maqhubu a lewatle.


Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.


Hobane o tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao, di tla rua ditjhaba, di tsose metse e masupi.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Empa lona, le tla bitswa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Modimo wa rona. Le tla ja menono ya ditjhaba, le ithorise kganyeng ya tsona.


hore le tle le anyeswe, le kgoriswe ke letswele la matshediso a hae, le tle le nwe ka nyakallo mononong wa kganya ya hae.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan