Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 51:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hara bara bao kaofela ba tswetsweng ke yena, ha ho le a mong ya mo tsamaisang; le ho bana ba hodisitsweng ke yena, ha ho ya mo tshwereng ka letsoho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

18 Hara bohle ba mala a hae, ha ho ya mo tataisang, hara bao a ila ba hodisa, ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 51:18
18 Iomraidhean Croise  

Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.


Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.


O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?


Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.


Tente ya ka e sentswe, mehala ya ka kaofela e kgaohile: bara ba ka ba ntlohetse, ha ba sa le yo; ha ho sa le ya ka hlomang tente ya ka, leha e le ya ka sarollang metlotlwane ya ka.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Dinku tsa ka di lelera dithabeng tsohle le maralleng wohle a phahameng; dinku tsa ka di qhalane lefatsheng lohle, ho se ya di botsang, ho se ya di batlang.


O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.


Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.


Yaba Saule o tsoha fatshe, mme ha a tadima, a sitwa ho bona motho; ba mpa ba mo tshwara ka letsoho, ba mo isa Damaseka.


e seng jwaloka selekane seo ke neng ke se etse le bontata bona, mohla ke ba tshwereng ka letsoho, ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ke ba lahlile ke hona, ho itswalo ke Morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan