Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 5:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

28 Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 5:28
17 Iomraidhean Croise  

Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.


Utlwang lerata la diphadi ke lena, le modumo o moholo wa maoto a makoloi, le pere tse kgemang, le makoloi a tlolakang!


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;


Kgohlopo ya sona e jwaloka lebitla le ahlamileng; ke bahale kaofela.


Boporofeta hodima lehwatata la lewatle: O a tla jwaloka sefefo se tsohang ka nqa borwa, o tswa lefeelleng, lefatsheng le tshabehang.


O tla putswa ka metsu e ntjhotjho ya mohale, le ka mashala a hlenneng a sehalahala.


Ke mohlang oo ditlhako tsa dipere di kileng tsa batalatsa lefatshe ke ho baleha hampe, ke ho baleha hampe ha dinatla tsa hae.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Ka ditlhako tsa dipere tsa hae, o tla hata diterata tsa hao tsohle; setjhaba sa hao o tla se bolaya ka lerumo, ditshiya tse thata tsa hao di helehele fatshe.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan