Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 38:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

13 Ka sesa bosiu ke ntse ke lla ke bohloko, jwalokaha eka tau e nthoba masapo, ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 38:13
15 Iomraidhean Croise  

Eo a re: Kahobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, etlare o sa tloha ho nna, tau e tla o bolaya. Yare a sa tloha ho yena, tau ya mo fihlela, ya mmolaya.


Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.


Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)


O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


O nkutlwise nyakallo le thabo! Masapo a ka ao o a robileng a ke a hlasimolohe!


esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.


O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;


O fedisitse nama ya ka le letlalo la ka, o robile masapo a ka.


Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan