Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 23:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Nka harepa, seotswa se lebetsweng, o qete diterata tsa motse ka yona, o tee molodi o motle, o eketse dipina tsa hao, o tle o hopolwe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 “Nka harepa ya hao o potolohe le motse, wena seotswa towe, o seng o sa hopolwe; tsanyaola melodi, o bine dipina tse ngata, o tle o boele o hopolwe hape.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 23:16
6 Iomraidhean Croise  

Mehleng eo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, tse lekanang matsatsi a ho phela ha morena a le mong; dilemo tse mashome a supileng ha di fetile, Tire o tla hlahelwa ke taba ya pina ya seotswa, e reng:


Dilemo tse mashome a supileng ha di se di fetile, Jehova o tla hopola Tire; o tla kgutlela maruong a manyala a hae, a iketse seotswa mebusong yohle e bophareng ba lefatshe.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Ke tla kgaoletsa modumo wa dipina tsa hao, mme ha ho sa tla hlola ho utluwa modumo wa diharepa tsa hao.


Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan