Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 a o phikolose, o phikolohe jwaloka pidikwane lebaleng la lefatshe le batsi, le ahlameng; o tla shwela teng, mme makoloi a kganya ya hao a tla fella teng, wena, dihlong tsa ntlo ya monga hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

18 Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 22:18
5 Iomraidhean Croise  

O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.


Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan