Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 21:3
17 Iomraidhean Croise  

yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Mala a ka a duma hodima Moabe jwaloka harepa, le pelo ya ka hodima Kire-Harese.


Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona.


Jwalokaha mosadi wa moimana a utlwa bohloko, ha a se a thwaseditswe ke kgwedi ya pelehi ya hae, mme a howa pelehing ya hae, re ne re le jwalo pela Jehova!


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.


Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan