Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Metsi a Nile a tla fela; noka e tla psha, e omelle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Metsi a ka nokeng ya Nile a tla fela, noka eo e pshe, e omelle,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 19:5
9 Iomraidhean Croise  

Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;


Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.


O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.


Ke tjhebile didiba, ka nwa metsi a tsona, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.


Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.


Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.


Mme Iseraele o tla tsamaya hara lewatle la tlokotsi, o tla otla maqhubu lewatleng, mme madiba wohle a noka a tla psha; boikgohomoso ba Assiria bo tla kokobetswa, ho tloswe le lere la borena la Egepeta.


Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan