Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 14:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane ke tla tloha ke ba lwantshe, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla fedisa lebitso la Babilona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela, ho bolela Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 “Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 14:22
15 Iomraidhean Croise  

Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.


Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.


Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan