Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Mokgetho wa bahlabani ba ka ke se ke o laetse, bahale ba ka ke ba bitsitse, ho phethahatsa kgalefo ya ka, bona ba thabelang ho hlola ha ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 13:3
20 Iomraidhean Croise  

Iseraele a ke a ithabelle Mmopi wa hae; bana ba Sione a ba ke ba hlasimolohele morena wa bona!


O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.


O emisetsa ditjhaba tse hole folaga ya hae, mme o di hlabela mokgosi, hore di tlohe pheletsong ya lefatshe; mme hang, di a phalla, di tla ka lebelo.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.


Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.


Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!


Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan