Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

6 Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso le diso tse petlang, ha di eso hlatsuwe kapa tsa tlamiswa, le ho tlotswa ka ole ha di eso tlotswe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 1:6
20 Iomraidhean Croise  

Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.


hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise.


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.


Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.


Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Jwalokaha sediba se tshikgola metsi a sona, o tshikgola bolotsana ba wona jwalo; bothata le botubo bo ntse bo utlwahala ho wona, maqeba le matetetso a pela ka kamehla.


Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.


A atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine; mme a mmea peleseng ya hae eo a e kaletseng, a mo isa tlung ya baeti, a mo okela teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan