Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Hosea 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Hosea 9:9
16 Iomraidhean Croise  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Sokolohelang ho yena eo le mo furaletseng hakalo, lona bana ba Iseraele!


Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?


Ka baka leo, moprista o tla hlahelwa ke taba e le nngwe le setjhaba, mme ke tla kgalemela mekgwa ya bona, ke ba etse ka diketso tsa bona.


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


Efraime o laletse Modimo wa ka. Moporofeta, sefi sa setsomi se ditseleng tsa hae tsohle; bora bo tlung ya Modimo wa hae.


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


Monga hae a re ho yena: Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla mpe re fetele pele ho ya fihla Gibea.


Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


Ka mokgwa o jwalo, ba teela Babenjamine hare, ba ba phallisa, ba ba hatakela moo ba reng ba phomola teng, ho fihlela ka nqane ho Gibea, nqa botjhabatsatsi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan