Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Hosea 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 “Ba tla ja mahlabelo, empa ba ke ke ba kgora; ba tla ineella bootswa, empa ba ke ke ba ata, hobane ha ba sa tsotella Morena,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Hosea 4:10
18 Iomraidhean Croise  

Eitse hobane Jehojada a shwe, mahosana a Juda a tla, a kgumama pela morena; mme morena a a mamela.


Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.


Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.


Lona, kajeno lena le ne le bakile, le ne le entse ho lokileng pontsheng ya ka, ka ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, le ne le entse selekane pela ka, ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona.


Motho ya hlalefileng ke mang? A ke a lemohe taba tsena; eo molomo wa Jehova o buang le yena a ke a re tsebise hore na ke ka baka lang ha ho sentswe lefatshe, leha le tjhesitswe jwaloka lefeella, ho se ya fetang teng na?


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.


Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.


Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan