Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Haggai 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?’ ” Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Haggai 2:12
8 Iomraidhean Croise  

Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


Mali a mang ha a ka hasa seaparo, seaparo se hasitsweng se tla hlatsuwa nqalong e kgethehileng.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; ke ntho e halalelang haholo.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan