Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Haggai 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 e le ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Tsena di etsahetse ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Haggai 1:15
6 Iomraidhean Croise  

Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Ka kgwedi ya bosupa, ka la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re:


Ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re:


Lentswe la Jehova la tlela Haggai la bobedi, ka tsatsi leo la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, la re:


Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re:


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan