Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba yona, ke ho re, madi a yona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 “Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 9:4
15 Iomraidhean Croise  

Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


Le se ke la jellela letho le madi. Le se ke la upella, mme le se ke la noha.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


eitse hobane re dumellane ka pelo e le nngwe, re bone tshwanelo ya ho kgetha banna, le ho ba romela ho lona, ba ena le barutuwa ba rona, Pauluse le Barnabase,


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Feela o iponele, o se ke wa ja madi: hobane madi ke moya; ha o na ho ja moya hammoho le nama;


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho;


Jwale, setjhaba sa itihela kgapong, sa tshwara dinku le dikgomo le manamane, sa di hlabela fatshe, mme sa di jellela hammoho le madi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan