Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, wa re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatsheng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 9:1
13 Iomraidhean Croise  

Modimo wa di hlohonolofatsa, wa re: Ngatafalang, le ate, mme metsi a mawatle a tlale tsona, mme tse rurang di ate lefatsheng.


Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.


Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.


Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.


le diphoofolo tsohle tsa mefuta yohle tse ho wena, le dinonyana, le makgomo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, o di ntshe, di tswe le wena, di tle di tlale lefatsheng, mme di tswale, di ate lefatsheng.


Ke bona bara ba bararo ba Nowe bao lefatshe le tletseng batho ka bona.


Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang lefatsheng le dihlapi tsohle tsa lewatle di le tshabe, di tshohe ke lona; di beilwe matsohong a lona.


Lona, atang, le ngatafale, le tlale haholo lefatsheng, mme le ngatafale teng.


Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan