Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 7:12
10 Iomraidhean Croise  

Morwallo wa tlala lefatsheng ditshiu tse mashome a mane; metsi a kokomoha, a phahamisa areka, mme ya emisetswa hodima lefatshe.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa.


A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.


Haele nna, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, jwaloka mohla pele. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo; mme Jehova ha a ka a rata ho o timetsa.


Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.


Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.


le hoba lefatshe la mehleng eo le timeditswe ka wona, ha le kwahetswe ke metsi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan