Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 Hoba Seta a tswalwe, Adama o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 5:4
17 Iomraidhean Croise  

Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.


Arpaksade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, a tswala Shela.


Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi.


Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi.


Jerede eitse hobane a tswale Henoke, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; mme a tswala bara le baradi.


Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.


Methusela ha a tswetse Lemeke, a phela dilemo tse makgolo a supileng a mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi; mme a tswala bara le baradi.


Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.


Lemeke ha a tswetse Nowe, a phela dilemo tse makgolo a mahlano a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a tswala bara le baradi.


Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.


Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi.


Yaba Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, wa re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatsheng.


Lona, atang, le ngatafale, le tlale haholo lefatsheng, mme le ngatafale teng.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Ekare ha bara ba rona ba hola botjheng ba bona jwaloka dimela, mme baradi ba rona ba le jwaloka ditshiya tse dintlha tse kgabisitsweng ka mokgwa wa matlo a borena;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan