Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 49:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Juda ke tauana; moraka, o kgutla ho hapeng! o a lalla, o nanara jwaloka tau, le jwaloka tauhadi; ke mang ya ka mo tsosang?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 49:9
11 Iomraidhean Croise  

Hape, ditau tse leshome le metso e mmedi di ne di eme ka nqa tse pedi ho methatinyana e tsheletseng. Ha ho a ka ha etswa e jwalo mebusong yohle e meng.


Terone e ne e na le methatinyana e tsheletseng le bonamelo ba maoto ba kgauta bo tshwaraneng le terone; e ne e na le matsoho ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.


Tauhadi eitse ha e bona hobane tshepo eo e neng e itshepisitse ka yona e timetse, ya nka ngwana wa yona e mong, ya mo etsa tawana.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.


O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!


Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang mmuso ho Modimo Ntate, mme a fedisang borena bohle, le mebuso yohle, le matla wohle.


Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan