Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 45:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 45:22
7 Iomraidhean Croise  

A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.


Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Ho ntatae a romela diesele tse leshome, di belesitse mesebetsi ya Egepeta e fetisang ka botle, le diesele tse tshehali tse leshome di belesitse koro, le bohobe, le mefaho ya ntatae ya tsela.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan