Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 41:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Faro a rea Josefa lebitso la Tsafnathe-Paeneake (mophutholli wa tse patilweng), mme a mo nea mosadi, Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One. Yaba Josefa o ya hlahloba lefatshe la Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

45 Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 41:45
11 Iomraidhean Croise  

Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.


Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besethe ba tla wa ka lerumo, batho ba teng ba ye kgolehong le bona.


Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.


E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.


Ira wa Jaire e ne e le tona ya Davida.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.


Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.


Bara ba babedi ba ne ba tswallwe Josefa dilemo tsa tlala di eso ho fihle, bao Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona.


O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan