Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 40:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ke utswitswe fatsheng la Baheberu, mme le kwano ha ke a etsa letho leo ba neng ba ka nkenya teronkong ka baka la lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 40:15
19 Iomraidhean Croise  

Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.


Yaba mong a Josefa o na mo nka a mo kenya tlung ya teronko, nqalong eo baholehuwa ba morena ba holehilweng teng; mme a dula teng, ka tlung ya teronko.


Yaba molaodi wa baapehedi ha a bona hoba phuthollo e monate, o re ho Josefa: Le nna torong ya ka ke bone ke rwetse diroto tse tharo tsa mahobe a masweu hloohong ya ka.


Mohlankana o ne a le teng le rona, wa Moheberu, mofo wa molaodi wa balebedi, mme ra mmolella; yaba o re phuthollela ditoro tsa rona, motho ka mong ka toro ya hae.


Ba tshwasa maoto a hae ka difate, a phela jwalo ditshepeng,


Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha;


Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Ekare ha o fumana motho ya utswitseng e mong wa banababo, e mong wa bana ba Iseraele, mme a mo entse lekgoba, kapa a rekile ka yena, leshodu leo le ke le shwe; ho tloswe bobe haeno jwalo.


le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan