Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Adama o tseba Eva, mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Kaine, a re: Ke itswaletse monna ka thuso ya Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 4:1
8 Iomraidhean Croise  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.


A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.


Adama a boela a tseba mosadi wa hae, mme a tswala mora, a mo rea lebitso la Setha, a re: Ke hoba Modimo o mphile ngwana e mong sebakeng sa Abele ya bolailweng ke Kaine.


A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;


mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan