Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 32:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ka baka lena, bana ba Iseraele ha ba je potongwane e motsong wa noka, hobane o ne a ame motso wa noka ya Jakobo potongwaneng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

32 Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 32:32
6 Iomraidhean Croise  

Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.


Letsatsi la mo tjhabela, ha a re o feta Peniele, mme a hlotsa noka ya hae.


Jakobo a lelatsa mahlo a hae, a tadima, mme a bona Esau a etla a na le batho ba makgolo a mane. Yaba bana o ba arolela Lea, le Ragele, le makgabunyane a mabedi.


Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.


Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse.


Ke ka baka leo baprista ba Dagone, leha e le bohle ba kenang tlung ya Dagone, ba sa hateng sefate sa monyako wa Dagone, Ashdode, ho fihlela kajeno.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan