Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

17 Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 19:17
21 Iomraidhean Croise  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.


Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.


Lota a re ho bona: O tjhe, monghadi! Ke o a rapela;


Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.


Empa mosadi wa Lota a tadima morao, mme a fetoha seemahale sa letswai.


Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.


Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone.


Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.


Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae?


Balehang, le pholose meya ya lona, le be jwaloka ba itlhophereng lefeelleng.


A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.


Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Bophelo bo fetisa dijo, le mmele o fetisa diaparo.


Empa Jesu a re ho yena: Ya beang letsoho la hae mohomeng, mme a boela a hetla, ha a tshwanele mmuso wa Modimo.


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan