Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 19:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi ba leng mona, esere mohlomong wa timela tshenyehong ya motse ona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Yare ha mafube a hlaha, mangeloi a pheella Lota, a re: “Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi, ba leng teng mona, o balehe; esere wa timela ha motse ona o otlwa.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 19:15
11 Iomraidhean Croise  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


A re a sa dikadika, banna bao ba mo tshwara ka letsoho, ba tshwara le letsoho la mosadi wa hae, le matsoho a baradi ba hae ba babedi, ka baka la mohau wa Jehova ho yena, mme ba mo ntsha, ba mo tlohela kantle ho motse.


Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.


Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan