Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 19:1
15 Iomraidhean Croise  

Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.


Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma.


Yaba banna bao ba ema, ba tloha teng, ba leba nqa Sodoma; mme Abrahama a tsamaya le bona, a ba felehetsa.


Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.


Yaba banna bano ba nanabetsa matshoho, mme ba hulela Lota ka tlung ho bona, mme ba kwala monyako.


a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.


Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.


Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.


Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;


ha eba hase nnete hobane moeti o ne a se na ho hlola bosiu kantle, hobane ke ne ke ntse ke buletse baeti monyako wa ka;


Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.


Le hona ho tla ba jwalokaha ho kile ha etsahala mehleng ya Lota: Ho ne ho jewa, ho nowa, ho rekwa, ho rekiswa, ho lengwa, ho hahuwa matlo.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan